Tataiso e sebetsang ho o thusa ho kgetha dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho o boloka o shahlile nakongeo okulangka yona.
Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ke ha bohlokw a ho motho e mong le e mong, empa haeba o dula ka ho kula, ho bohlokwa ka ho kgethehileng ho etsa diqeto tse bohlale mabapi le dijo! Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho bolela ho ja dijo tse tla neha mmele w a hao dimatlafatsa-mmele tseo o di hlokang e le hore o sebetse hantle le ho o thusa ho lw antsa mafu a mang a tshw aetsang. Dimatlafatsa-mmele di fumanwa dijong. Ho na le dimatlafatsa-mmele tse sa tshwaneng dijong, e leng, diproteine, dikhabohaedraete,mafura, divithamini le diminirale.
Haeba o e-na le bolwetse bo tebileng haholo (jwaloka TB, Kankere kapa AIDS), matla a ho itshireletsa a mmele a fokolahaholo. Hona ho bolela horemmelewa hao ha o kgone ho itshireletsa hantle jwaloka mehleng kgahlanong le mafu a tshwaetsang. Matla a fokolang a ho itshireletsa a ka etsa hore o kenwe ke lefu letshwaetsang ka hanong, qoqothong le maleng. Hoja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho ka neha mmele wa hao dimatlafatsa-mmele ho hodisa matla a wona a ho itshireletsa kgahlanong le mafu a tshwaetsang. Ha ho dijo tse ka o phekolang bolwetseng bo tebileng, empa ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho ka tiisa hore mmele wa hao o fumana matla a lekaneng le dimatlafatsa-mmele tse ding e le hore o:
eketse matla a mmele w a hao;
o nehe boikutlo boiketlo; le ho o thusa ho thabelabophelo bo molemo haholwanyane.
Dijo tsefanangka bophelo bo botle di tla o thusa ho lwantsamafu a tshwaetsang hao kula.
Hangata ho ba le malw etse a kang TB, kankere kapa AIDS ho fella ka ho ja dijo tse nang le dimatlafatsa-mmele tse fokolang. Lebaka e le hore:
mmele o hloka dimatlafatsa-mmele tse eketsehileng ho lwantsha mafu a tshwaetsang;
ho tshwaetswa ho ka etsa hore motho a fellwe ke takatso ya dijo le mathata a mang a ho ja;
ho tshwaetswa le meriana ho ka bakela ho feroha dibete, ho hlatsa le letshollo ho etsang hore motho a fellwe ke dimatlafatsa-mmele.
Ho haella ha dimatlafatsa-mmele ho ka fokodisa haholo ho itshireletsa ha mmele tlhaselong ya mafu a mang, mme ka hona ho bonolo haholo hore o tshw aetswe ke mafu a mang. Tabeng ya ho tshwaetswa ke HIV, ho haellaha dimatlafatsa-mmele ho ka fella ka AIDS ka sekgahla se seholo.
Ho na le ditsela tse ngata tsa ho ja dijo tse faanang ka bophelo bo botle. Mmele wa hao o hloka dijotse ngata tse sa tshwaneng. Ha ho dijo tseo ka botsona di nang le dimatlafatsa-mmele tsohle tse hlokw ang ke mmele wa hao. Kgetha le ho thabela dijo tse fumanehang habonolo, tse sa bitseng tjhelete e ngata le tseo o di ratang.
Haeba o phela ka bolwetse bo itseng, tataiso e latelang e ka o thusa ho kgetha lenaneo la ho ja dijotse fnang ka bophelo bo botle:
Ela hloko ka ho eketsehileng hore na o ja eng hang feela ha o tseba hore o na le bolwetse bo itseng. Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho ka o thusa ho lwantsha ho tshwaetswa kemafu a mang le ho thibela ho fellwa ke boima ba mmele (ho ota).
Ho ithuisa molemo o moholo dijong, e-ja dijo tse ngata tse sa tshwaneng tseo o ka tsebang ho di fumana. Ho jadijo tsa mefuta e sa tshwaneng ho tla thusa ho tiisa hore o fumana dimatlafatsa-mmele tsohle tseo mmele wa hao o di hlokang dijong. Haeba ho le thata hore o je haholo, leka ho ja hanyenyane, kgafetsa letsatsi lohle ho tiisa hore o ja ka ho lekaneng.
Dijo tse nang le setatjhe tse kang bohobe, motoho, dicereale, reisi, ditapole, setampa, phoofo ya poone, sorghum le pasta di tlameha ho bopa karolo e kgolo ya dijo tse ding le tse ding tsa hao. Dijo tse nang le setatjhe di neha mmele wa hao matla le dimatlafatsa-mmele tse ding. Ekelletsa kamefuta e meng ya dijo e kang meroho, dinawa tse ommeng, nama ya kgoho kapa mahe dijong tse nang le setatjhe ho etsa hore e be dijo tse molemo.
LETSATSI LELENG LE LE LENG OJE MEROHO LE DITHOLWANA TSENGATA
Meroho le ditholw ana di fana ka divithamini le diminirale tse ngata le dintho tse ding tse tla thusa mmele wa hao ho itshireletsaho tshwaetsweng ke mafu a mang.
LETSATSI LE LENGLE LE LENG NAMA YAKGOHO,YA TLHAPI ,YA PHOOFOLO, LEBESE KAPA MAHE E KA JEWA.
Dijo tsa diphoofolo di neha mmele wa rona dimatlafatsa-mmele tse ngata tse sa tshwaneng. Sematlafatsa-mmele se seng ke proteine, e thusang ho matlafatsa tshireletso ya mmele kgahlanong le tlhaselo ya malwetse le ho tiisa mesifa. Ha o kula,o tla hloka dijo tse ngata tsa mofuta ona.
KA MEHLA O JE DINAWA TSE OMMENG , DINAWA TSA DIEREKISI, DI LENTILE LE DITLHAHISWA TSA SOYA
Sehlopha sena sa dijo tsa dimela ke mohlodi o molemo wa diproteine le dimatlafatsa-mmele tse ding tsa bohlokw a. Ho akarelletsa mefuta ena ya dijo lenaneong la hao la dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho tla o thusa ho lwantsha ho tshwaetswa ke mafu a mang.
DIJONG TSA HAO OAKARELLETSE LEDIJO TSENANG LE TSWEKERE, MAFURA LE OLI
Tswekere, mafu le dioli le tsona ke karolo ya lenaneo la dijo tse fanang ka bophelo bo botle. Mefuta ena yadijo e o neha matla a ho sebetsana ka katleho le bolwetse ba haole ho etsa hore dijo di be le tatso e molemonyana.
Batho bohle ba lokelaho fokotsa haholo letswai leo ba le nokang dijong, kaha honoka letswai haholo ho ka fella ka lefu la kgatello ekgolo ya madi (highblood pressure). Leha ho le jwalo, haeba o e-na le letshollo kapa o hlatsa, mmele wa hao o lahlehelwa ke letswai le metsi a mangata. Hangata kamoo ho ka kgonehang, tiisa hore o kgutlisetsa letswai le metsi mmeleng wa hao ka hore o nwemotswakowa
E-NWA METSI A MANGATA A HLWEKILENG, A SIRELETSEHLENG
Ho nwa metsi ho bohlokwa bakeng sa motho e mong le e mong. E-nwa metsi a mangata ho tiisa hore o kgutlisetsa mmeleng wa hao metsia ileng a tswanakong eo o neng o tsholla ka yona, o hlatsa le ha o ne o fufulelwa haholo hao o robetse bosiu. Ka ho tlwaelehileng metsi a pompo a sireletsehile, empa ho ka ba molemo ho bedisa le ho batisa metsi a sediba, noka kapa a borilweng pele o a nwa.
O SE NWE JWALA (DINO TSE NANG LE TAHI)
O se nwe dino leha e le dife tse nang le tahi. Tahie kotsi haholo sebeteng mme e etsa hore mmele o lahlehelwe ke divithamini tse o sireletsang kgahlanong le ho tshwaetswa ke mafu a mang. Hape ho bohlokwa haholo hore o se nw e seno se nang le tahi ha o sebedisa meriana kaha sena se tla ntsha sebete sa hao kotsi.
E-ba mafolo-folo kamoo o ka kgonang kateng ho boloka mesifa ya hao e le matla. Mesebetsi ya mmele e jwaloka ho tsamaya ka maoto, ho hlwekisa ntlo le ho sebetsa tshingwaneng ho tla hodisa boleng ba bophelo ba hao.
Hobohlokwa haholo hore dijo tseo o dijang le metsi aoo a nwang e be tse hlwekileng haholo ho thibela hore dijo le metsi a sejare mafu a tshwaetsang a tsamaiswang kedijo.
HOPOLA:
Hlwekisa dijana tsohle le dibakatseo o sebeletsang dijo ho tsona.
Kwahela dijo ho thibela hore di se angwe ke dikokwanyana lediphoofolo.
Hlatsw a ditholw ana le meroho ka botlalo metsing a hlwekileng le a sireletsehileng.
Haeba o hloleha ho hlatswa ditholwana le meroho ka ho lekaneng, diebole kapa o tlose makgasi.
Ho kotsi ho sebedisa tse tshetsw eng makoti-koting haeba a senyehile kapa a bonahala a tletse moya.
Hlokomela hore o se je nama ya phoofolo e tlala, ya kgoho, ya tlhapi kapa mahe a sa phehwang.
Phehisisa dijo ho bolaya dikokwana-hloko.
Haeba o e-na le sehatsetsi, boloka dijo tsohle tse setseng ka hare ho sona, kapa o di behe dikwahetswe sebakeng sebatang.
Dijo tse ileng tsa phehwa ha dia lokela ho bolokw a nako e fetang letsatsi le le leng mme di tlameha ho futhumatswa pele dijewa.
Haeba ho kgoneha, boloka dijo sebakeng se tlang se batang. Leka hore dijo tse phehilweng di se be sebakeng se nang le motjheso wa kamore ka nakoe ka hodimo ho dihora tse pedi.
Ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle ho na le melemo bakeng sa motho e mong le e mong! Haebao kula,ho bohlokwa haholo ho ja dijo tse fanang ka bophelo bo botle. Haeba o ela hlokoka ho kgethehileng seo o se jang, o ka:
Thibela ho fokollwa ke boima ba mmele(ho ota).
Ho fola kapele ho tshwaetsweng ke mafu a mang le ho fola hamaqeba kapele.
Ho sebetsana hamolemo le meriana le phekolo.
Ho ikutlwa o matlafetse.
